20. Le lebohe kamehla Modimo, Ntata rona, ka baka la ntho tsohle, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona.
21. Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.
22. Lona basadi, le ikokobetse katlasa banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena;
23. hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.
24. Jwalokaha kereke e ikokobetsa katlasa Kreste, basadi le bona ba ikokobetse ho banna ba bona jwalo nthong tsohle.
25. Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a iteletse lefu ka baka la yona;
26. hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,
27. a tle a ikemisetse yona pela hae, e le kereke e kganyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le jwaloka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekodi.
28. Ke ka mokgwa o jwalo le bona banna ba tshwanetseng ho rata basadi ba bona jwaloka mmele wa bona. Ya ratang mosadi wa hae, eba o a ithata.
29. Hobane ha ho eso ho be motho ya kileng a hloya nama ya hae le ka mohla o le mong; empa o ye a e fepe, a e baballe, jwalokaha Kreste le yena a etsa kereke.
30. Hobane re ditho tsa mmele wa hae.
31. Ke ka baka leo ho ngodilweng, ho thwe: Monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.
32. Sephiri sena se seholo; empa ke bua ke ntse ke lekanya Kreste le kereke.
33. Leha ho le jwalo, e mong le e mong ho lona a fele a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata, mme mosadi yena a hlomphe monna wa hae.