17. Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.
18. Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.
19. Buisanang ka dipesalema, le ka difela, le ka dipina tsa moya, mme le binele Morena, le mo dudueletse ka dipelong tsa lona.
20. Le lebohe kamehla Modimo, Ntata rona, ka baka la ntho tsohle, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona.
21. Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.
22. Lona basadi, le ikokobetse katlasa banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena;
23. hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.
24. Jwalokaha kereke e ikokobetsa katlasa Kreste, basadi le bona ba ikokobetse ho banna ba bona jwalo nthong tsohle.
25. Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a iteletse lefu ka baka la yona;
26. hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,
27. a tle a ikemisetse yona pela hae, e le kereke e kganyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le jwaloka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekodi.