10. Le qamake se ka kgahlisang Morena;
11. mme le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse:
12. hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.
13. Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi.
14. Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.
15. Ha ho le jwalo, iponeleng hore le tsamaye ka kelello, e seng jwaloka mawatla, e mpe e be jwaloka ba bohlale.
16. Lopollang dinako, hobane mehla e se e le mebe.
17. Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.