Baefese 5:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Le fele le be baetsisi ba Modimo, kaha le le bana ba ratwang;

2. mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

3. Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

Baefese 5