4. Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.
5. Morena o mong, tumelo e nngwe, le kolobetso e nngwe.
6. Modimo o mong, e leng Ntata bohle, ya kahodimo ho bohle, ya hara bohle, ya ka ho bohle.
7. Empa e mong le e mong ho rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste.
8. Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo.
9. Mme ho nyoloha hoo ke ho reng, haese ho re, o ne a theohetse pele dibakeng tse ka tlasetlase tsa lefatshe?
10. Ya neng a theohile, esale yena ya nyolohetseng kahodimo ho mahodimo wohle, a tle a tlale ntho tsohle.
11. Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,
12. ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;
13. re tle re be re finyelle bohle bonngweng ba tumelo le ba tsebo ya Mora wa Modimo, re be re fihlele boholo ba monna ya phethehileng, le tekano ya boemo bo phethehileng ba Kreste;
14. hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;
15. re mpe re etse nnete ka lerato, mme re hole nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho,
16. eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.