20. Empa haele lona, ha le a ka la ithuta Kreste jwalo;
21. ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng,
22. e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;
23. le ho ntjhafala mehopolong ya dipelo tsa lona,
24. le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.
25. Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.
26. Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;
27. mme le se ke la nea Diabolose sebaka.
28. Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.