Baefese 4:18-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.

19. Ba timeletswe ke kutlo yohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala wohle ka takatso e se nang ho kgolwa.

20. Empa haele lona, ha le a ka la ithuta Kreste jwalo;

21. ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng,

22. e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;

23. le ho ntjhafala mehopolong ya dipelo tsa lona,

24. le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.

25. Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.

26. Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;

27. mme le se ke la nea Diabolose sebaka.

28. Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.

29. Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.

Baefese 4