Baefese 4:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.

17. Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;

18. bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.

19. Ba timeletswe ke kutlo yohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala wohle ka takatso e se nang ho kgolwa.

20. Empa haele lona, ha le a ka la ithuta Kreste jwalo;

21. ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng,

22. e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;

23. le ho ntjhafala mehopolong ya dipelo tsa lona,

24. le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.

Baefese 4