1. Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,
2. ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, le ntse le mamellana ka lerato.
3. Le tiye matla ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo ya kgotso.
4. Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.
5. Morena o mong, tumelo e nngwe, le kolobetso e nngwe.