3. Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.
4. Empa Modimo, kaha e le morui wa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona,
5. ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),
6. mme o re tsositse hammoho, wa ba wa re dudisa hammoho mahodimong, ho Jesu Kreste;
7. hore mehleng e tlang, o tle o bonahatse monono o fetisang wa mohau wa wona, ka lereko leo o re etseditseng lona ho Jesu Kreste.
8. Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo:
9. hase ka mesebetsi, ho tle ho se ka ha eba motho ya ithorisang.
10. Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.
11. Ka baka leo, le ke le hopole hobane lona bao pele le neng le le baditjhaba ka nama, le neng le bitswa maqai ke ba bitswang babolli ka lebollo le etswang nameng ka matsoho;
12. mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
13. Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.
14. Hobane ke yena kgotso ya rona, e leng yena ya entseng ditjhaba tse pedi setjhaba se le seng, mme o rapaladitse lerako le neng le di kgaohantse.
15. O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;
16. mme a busetse hammoho ho Modimo ba bang le ba bang, e le mmele o le mong, ka sefapano sa hae, ha a bolaile hloyano ka sona.
17. Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;
18. hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.