12. mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
13. Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.
14. Hobane ke yena kgotso ya rona, e leng yena ya entseng ditjhaba tse pedi setjhaba se le seng, mme o rapaladitse lerako le neng le di kgaohantse.
15. O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;
16. mme a busetse hammoho ho Modimo ba bang le ba bang, e le mmele o le mong, ka sefapano sa hae, ha a bolaile hloyano ka sona.
17. Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;
18. hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.
19. Mme jwale, ha le sa le basele, leha e le bajaki, empa le se le le ba motse o le mong le bahalaledi, mme le ba ntlo ya Modimo,
20. le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;
21. eo mohaho wohle o theilweng hodima hae, o kopaneng ka nqa tsohle, mme o ntse o hola ho ba tempele e kgethehileng Moreneng.
22. Le lona le hahilwe hammoho ho yena, ho ba ntlo ya Modimo Moyeng.