Baefese 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O le tsositse jwalo le lona le neng le shwele melatong ya lona le dibeng tsa lona;

2. tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.

3. Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.

4. Empa Modimo, kaha e le morui wa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona,

5. ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),

6. mme o re tsositse hammoho, wa ba wa re dudisa hammoho mahodimong, ho Jesu Kreste;

7. hore mehleng e tlang, o tle o bonahatse monono o fetisang wa mohau wa wona, ka lereko leo o re etseditseng lona ho Jesu Kreste.

Baefese 2