Baefese 1:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:

2. A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!

3. Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;

4. kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.

5. Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,

6. e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.

7. Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,

8. oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle;

9. wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;

10. hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.

11. Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;

12. re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.

13. Ke yena eo le lona le leng ho yena, lona ba utlwileng lentswe la nnete e leng Evangeli ya pholoho ya lona; eo hape, ha le se le dumetse ho yena, le tshwailweng ke Moya o Halalelang, o baletsweng batho;

Baefese 1