1. Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:
2. A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!
3. Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;
4. kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.
5. Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,
6. e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.
7. Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,
8. oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle;
9. wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;
10. hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.