Baahlodi 9:49-57 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. Kahoo, batho bohle ba rema e mong le e mong lekala, ba latela Abimeleke; ba bea makala pela qhobosheane, mme ba tjhesa qhobosheane hammoho le ba leng ho yona. Batho bohle ba tora ya Sikeme ba eshwa jwalo, e batlile e eba sekete sa banna le basadi.

50. Abimeleke a ntoo ya Thebetse, a thibella Thebetse, a o kena.

51. Tora e matla e ne e le teng kahare ho motse, moo banna le basadi bohle le baholo bohle ba motse ba neng ba balehetse teng. Eitse hobane ba ikwalle teng, ba hlwella marulelong a tora.

52. Abimeleke a atamela tora, a e lwantsha, mme a atamela pela monyako wa tora, ka ho re, o a o tjhesa.

53. Empa mosadi e mong a akgela lelwala la ho sila hloohong ya Abimeleke, a mo pshatla lehata.

54. Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.

55. Mme banna ba Iseraele, eitse ha ba bona hobane Abimeleke o timetse, ba ikela e mong le e mong hae ha hae.

56. Modimo wa busetsa jwalo ho Abimeleke bobe boo a bo entseng ho ntatae, ha a ne a bolaile banababo ba mashome a supileng.

57. Modimo wa busetsa le dihloohong tsa banna ba Sikeme bobe bohle boo ba bo entseng. Thohako ya Jothame, mora Jerubbaale, ya ba hlahela jwalo.

Baahlodi 9