Baahlodi 9:36-53 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Eitse ha Gaale a bona batho bao, a re ho Sebule: Bona, batho ke bane ba theohang dihlorong tsa dithaba. Sebule a re ho yena: O bona moriti wa dithaba, o re ke batho.

37. Gaale a bua hape, a re: Batho ke bane ba theohang diphahameng, ho bile ho na le lekgotla le leng hape le tlang ka tsela ya eike ya Dinohe.

38. Sebule a re ho yena: Taba ya hao e kae jwale eo o e boletseng, wa re: Abimeleke ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Batho bao na hase bao o neng o ba nyedisa na? Tswa jwale, o lwane le bona.

39. Gaale a tswa pontsheng ho beng ba Sikeme, mme a lwana le Abimeleke.

40. Abimeleke a mo phallela, Gaale a baleha, mme ba bangata ba wa ba bolailwe, ho ya fihla kgorong.

41. Abimeleke a ema Aruma, Sebule yena a leleka Gaale le banababo, hore ba se hlole ba aha Sikeme.

42. Ka le hlahlamang, batho ba tswela naheng, mme Abimeleke a tsebiswa.

43. Yaba o nka batho ba hae, a ba arola hlopha tse tharo, mme a ba bea ho lalla naheng. Eitse ha a tadima, a bona batho ba etswa motseng; mme a nehella ho bona, a ba bolaya.

44. Abimeleke le dihlopha tseo a nang le tsona ba titima, ba fihla kgorong ya motse; hlopha tse pedi tse ding tsona tsa phallela bohle ba naheng, tsa ba bolaya.

45. Abimeleke a ba lwantsha tsatsi lena lohle, a ba a kena motse, a bolaya batho ba teng, mme a heletsa motse, a o jala letswai.

46. Beng bohle ba tora ya Sikeme, ha ba utlwa hoo, ba kena qhobosheaneng ya ntlo ya Ele-Berithe.

47. Abimeleke a tsebiswa, ha thwe: Beng bohle ba tora ya Sikeme ba phuthehile hammoho.

48. Yaba Abimeleke o hlwa thabeng ya Tsalmone, a ena le batho bohle bao a nang le bona; Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae; a rema lekala la sefate, a le nka, a le bea lehetleng, a re ho batho bao a nang le bona: Phakisang le etse jwalokaha le mpone ke etsa.

49. Kahoo, batho bohle ba rema e mong le e mong lekala, ba latela Abimeleke; ba bea makala pela qhobosheane, mme ba tjhesa qhobosheane hammoho le ba leng ho yona. Batho bohle ba tora ya Sikeme ba eshwa jwalo, e batlile e eba sekete sa banna le basadi.

50. Abimeleke a ntoo ya Thebetse, a thibella Thebetse, a o kena.

51. Tora e matla e ne e le teng kahare ho motse, moo banna le basadi bohle le baholo bohle ba motse ba neng ba balehetse teng. Eitse hobane ba ikwalle teng, ba hlwella marulelong a tora.

52. Abimeleke a atamela tora, a e lwantsha, mme a atamela pela monyako wa tora, ka ho re, o a o tjhesa.

53. Empa mosadi e mong a akgela lelwala la ho sila hloohong ya Abimeleke, a mo pshatla lehata.

Baahlodi 9