30. Sebule, mong a motse, ha a utlwa mantswe a Gaale, mora Ebede, a ba bohale haholo.
31. A romela Abimeleke manqosa ka sephiring, a re: Bona, Gaale, mora Ebede, le banababo, ba tlile Sikeme, mme o ka bona, ba se ba o tsosetsa motse.
32. Ha ho le jwalo, tsoha bosiu, wena le batho bao o nang le bona, mme o lalle naheng.
33. Ka meso, ha letsatsi le tjhaba, o tlohe, mme o patele motse; bona, Gaale le batho bao a nang le bona ba tla tswela ho o lwantsha, mme o tla mo etsa kamoo o tla hopola kateng.
34. Yaba Abimeleke o tsohela bosiu, a ena le batho bohle bao a nang le bona, ba lalla Sikeme, ba entse dihlopha tse nne.
35. Gaale, mora Ebede, a tswa, a ema kgorong ya motse. Abimeleke le batho bao a nang le bona ba tloha moo ba laletseng teng.
36. Eitse ha Gaale a bona batho bao, a re ho Sebule: Bona, batho ke bane ba theohang dihlorong tsa dithaba. Sebule a re ho yena: O bona moriti wa dithaba, o re ke batho.
37. Gaale a bua hape, a re: Batho ke bane ba theohang diphahameng, ho bile ho na le lekgotla le leng hape le tlang ka tsela ya eike ya Dinohe.
38. Sebule a re ho yena: Taba ya hao e kae jwale eo o e boletseng, wa re: Abimeleke ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Batho bao na hase bao o neng o ba nyedisa na? Tswa jwale, o lwane le bona.
39. Gaale a tswa pontsheng ho beng ba Sikeme, mme a lwana le Abimeleke.
40. Abimeleke a mo phallela, Gaale a baleha, mme ba bangata ba wa ba bolailwe, ho ya fihla kgorong.
41. Abimeleke a ema Aruma, Sebule yena a leleka Gaale le banababo, hore ba se hlole ba aha Sikeme.
42. Ka le hlahlamang, batho ba tswela naheng, mme Abimeleke a tsebiswa.
43. Yaba o nka batho ba hae, a ba arola hlopha tse tharo, mme a ba bea ho lalla naheng. Eitse ha a tadima, a bona batho ba etswa motseng; mme a nehella ho bona, a ba bolaya.
44. Abimeleke le dihlopha tseo a nang le tsona ba titima, ba fihla kgorong ya motse; hlopha tse pedi tse ding tsona tsa phallela bohle ba naheng, tsa ba bolaya.