Baahlodi 9:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bomalomae ba mmolela ka taba tsena tsohle ho beng bohle ba Sikeme; mme dipelo tsa bona tsa sekamela Abimeleke, ba re: Ke ngwanabo rona.

4. Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.

5. A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.

6. Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.

7. Jothame a tsebiswa hoo, a ba a ya ema qhoweng ya thaba ya Gerisime, a phahamisa lentswe la hae, a howa, a re ho bona: Nkutlweng, beng ba Sikeme, Modimo o tle o le utlwe le lona.

8. Ka tsatsi le leng, difate tsa tloha ho ya itlotsetsa morena, tsa tla, tsa re ho mohlwaare: Eba morena wa rona.

9. Mohlwaare wa re ho tsona: Nka tlohela ole ya ka jwang, eo ke roriswang ke Modimo le batho ka baka la yona, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?

Baahlodi 9