24. e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.
25. Beng ba Sikeme ba bea batho ho lalla diqhoweng tsa dithaba, mme ba hlakola dintho tsa bohle ba fetang ka tsela e pela bona; mme Abimeleke a tsebiswa.
26. Mohlang oo, ha tla Gaale, mora Ebede, a ena le banababo; ba kena le Sikeme, mme beng ba Sikeme ba mo tshepa.
27. Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.
28. Gaale, mora Ebede, a re: Abimeleke ke mang, mme Sikeme ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Na hase mora Jerubbaale, mme tona ya hae hase Sebule na? Sebeletsang banna ba Hamore, ntata Sikeme! Haele rona, ke ha re mo sebeletsa ka baka lang?
29. Hoja ebe tjhaba sena se buswa ke nna, nka be ke lelekisa Abimeleke! Mme a re ho Abimeleke: Bokella makgotla a hao, o tswe.
30. Sebule, mong a motse, ha a utlwa mantswe a Gaale, mora Ebede, a ba bohale haholo.
31. A romela Abimeleke manqosa ka sephiring, a re: Bona, Gaale, mora Ebede, le banababo, ba tlile Sikeme, mme o ka bona, ba se ba o tsosetsa motse.
32. Ha ho le jwalo, tsoha bosiu, wena le batho bao o nang le bona, mme o lalle naheng.
33. Ka meso, ha letsatsi le tjhaba, o tlohe, mme o patele motse; bona, Gaale le batho bao a nang le bona ba tla tswela ho o lwantsha, mme o tla mo etsa kamoo o tla hopola kateng.
34. Yaba Abimeleke o tsohela bosiu, a ena le batho bohle bao a nang le bona, ba lalla Sikeme, ba entse dihlopha tse nne.
35. Gaale, mora Ebede, a tswa, a ema kgorong ya motse. Abimeleke le batho bao a nang le bona ba tloha moo ba laletseng teng.
36. Eitse ha Gaale a bona batho bao, a re ho Sebule: Bona, batho ke bane ba theohang dihlorong tsa dithaba. Sebule a re ho yena: O bona moriti wa dithaba, o re ke batho.