Baahlodi 9:2-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. A le keng le bueng le beng ba Sikeme, le re: Haele ho buswa ke batho ba mashome a supileng, bao e leng bohle bana ba Jerubbaale, kapa e le ho buswa ke motho a le mong feela, ho molemo ho lona ke hofe na? Hape, le hopole hobane ke nna masapo a lona le nama ya lona.

3. Bomalomae ba mmolela ka taba tsena tsohle ho beng bohle ba Sikeme; mme dipelo tsa bona tsa sekamela Abimeleke, ba re: Ke ngwanabo rona.

4. Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.

5. A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.

6. Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.

7. Jothame a tsebiswa hoo, a ba a ya ema qhoweng ya thaba ya Gerisime, a phahamisa lentswe la hae, a howa, a re ho bona: Nkutlweng, beng ba Sikeme, Modimo o tle o le utlwe le lona.

8. Ka tsatsi le leng, difate tsa tloha ho ya itlotsetsa morena, tsa tla, tsa re ho mohlwaare: Eba morena wa rona.

9. Mohlwaare wa re ho tsona: Nka tlohela ole ya ka jwang, eo ke roriswang ke Modimo le batho ka baka la yona, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?

10. Yaba difate di re ho sefate sa feiye: Tloo, wena, o be morena wa rona.

11. Sefate sa feiye sa re ho tsona: Nka tlohela monate wa ka jwang, leha e le ditholwana tsa ka tse monate, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?

12. Yaba difate di re ho morara: Tloo, wena, o be morena wa rona.

13. Morara wa re ho tsona: Nka tlohela jwang veine ya ka e thabisang Modimo le batho, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?

14. Yaba difate tsohle di bolella moutlwa, tsa re: Tloo, wena, o be morena wa rona.

15. Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.

16. Jwale, ha ekaba le entse ka nnete le ka bokgabane, ha le beile Abimeleke morena, mme ha ekaba le re, le entse Jerubbaale le ntlo ya hae hantle, la busetsa ho yena ka tshwanelo ya mosebetsi wa matsoho a hae,

Baahlodi 9