18. athe kajeno, lona le kwenehetse ntlo ya ntate, le bile le bolaile bara ba hae, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng, mme le beile Abimeleke, mora lekgabunyane la hae, morena wa beng ba Sikeme; ka ho re, ke ngwanabo lona;
19. ha le tiisa, le re kajeno le entse Jerubbaale le ntlo ya hae ka nnete le ka bokgabane, thabelang Abimeleke, le yena a ke a le thabele!
20. Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!
21. Yaba Jothame o tloha, a baleha, a ya Beere, mme a dula teng ke ho tshaba Abimeleke ngwanabo.
22. Abimeleke a busa Baiseraele ka lemo tse tharo.
23. Modimo wa romela moya o mobe mahareng a Abimeleke le beng ba Sikeme, beng ba Sikeme ba ba ba etsa Abimeleke ka lonya,
24. e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.
25. Beng ba Sikeme ba bea batho ho lalla diqhoweng tsa dithaba, mme ba hlakola dintho tsa bohle ba fetang ka tsela e pela bona; mme Abimeleke a tsebiswa.
26. Mohlang oo, ha tla Gaale, mora Ebede, a ena le banababo; ba kena le Sikeme, mme beng ba Sikeme ba mo tshepa.
27. Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.