Baahlodi 9:11-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Sefate sa feiye sa re ho tsona: Nka tlohela monate wa ka jwang, leha e le ditholwana tsa ka tse monate, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?

12. Yaba difate di re ho morara: Tloo, wena, o be morena wa rona.

13. Morara wa re ho tsona: Nka tlohela jwang veine ya ka e thabisang Modimo le batho, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?

14. Yaba difate tsohle di bolella moutlwa, tsa re: Tloo, wena, o be morena wa rona.

15. Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.

16. Jwale, ha ekaba le entse ka nnete le ka bokgabane, ha le beile Abimeleke morena, mme ha ekaba le re, le entse Jerubbaale le ntlo ya hae hantle, la busetsa ho yena ka tshwanelo ya mosebetsi wa matsoho a hae,

17. etswe ntate a le lwanetse, a sa re letho ka bophelo ba hae, a le namolela matsohong a Bamidiane;

18. athe kajeno, lona le kwenehetse ntlo ya ntate, le bile le bolaile bara ba hae, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng, mme le beile Abimeleke, mora lekgabunyane la hae, morena wa beng ba Sikeme; ka ho re, ke ngwanabo lona;

19. ha le tiisa, le re kajeno le entse Jerubbaale le ntlo ya hae ka nnete le ka bokgabane, thabelang Abimeleke, le yena a ke a le thabele!

20. Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!

21. Yaba Jothame o tloha, a baleha, a ya Beere, mme a dula teng ke ho tshaba Abimeleke ngwanabo.

22. Abimeleke a busa Baiseraele ka lemo tse tharo.

23. Modimo wa romela moya o mobe mahareng a Abimeleke le beng ba Sikeme, beng ba Sikeme ba ba ba etsa Abimeleke ka lonya,

24. e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.

25. Beng ba Sikeme ba bea batho ho lalla diqhoweng tsa dithaba, mme ba hlakola dintho tsa bohle ba fetang ka tsela e pela bona; mme Abimeleke a tsebiswa.

Baahlodi 9