Baahlodi 9:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Abimeleke, mora Jerubbaale, a ya Sikeme ho bomalomae, mme a bua le bona, a bua hape le bohle ba ntlo ya ntata mmae, a re:

2. A le keng le bueng le beng ba Sikeme, le re: Haele ho buswa ke batho ba mashome a supileng, bao e leng bohle bana ba Jerubbaale, kapa e le ho buswa ke motho a le mong feela, ho molemo ho lona ke hofe na? Hape, le hopole hobane ke nna masapo a lona le nama ya lona.

3. Bomalomae ba mmolela ka taba tsena tsohle ho beng bohle ba Sikeme; mme dipelo tsa bona tsa sekamela Abimeleke, ba re: Ke ngwanabo rona.

4. Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.

5. A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.

6. Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.

7. Jothame a tsebiswa hoo, a ba a ya ema qhoweng ya thaba ya Gerisime, a phahamisa lentswe la hae, a howa, a re ho bona: Nkutlweng, beng ba Sikeme, Modimo o tle o le utlwe le lona.

Baahlodi 9