7. Gideone a re: Ha ho le jwalo, mohla Jehova a neelang Seba le Tsalmunna matsohong a ka, ke tla pola dinama tsa lona ka meutlwa ya nahathothe le ka bobatshi.
8. Ha a tloha teng, a fihla Penuele, a bua le ba teng ka wona mokgwa oo, mme batho ba Penuele ba mo fetola jwalokaha batho ba Sukkothe ba ne ba mo fetotse.
9. Yaba o bolella batho ba Penuele, a re: Ha ke kgutla ka kgotso, ke tla heletsa tora eo.
10. Haele Seba le Tsalmunna, ba ne ba fihlile Karkore le makgotla a bona, e leng bohle ba setseng ba makgotla wohle a bana ba Botjhabela, e batlile ho ba batho ba dikete tse leshome le metso e mehlano, ho bolailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a ba pshemolang sabole.
11. Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile.
12. Seba le Tsalmunna ba baleha, mme Gideone a ba phallela, a tshwara marena ao a mabedi a Midiane, Seba le Tsalmunna, mme a qhalanya makgotla wohle.
13. Yaba Gideone, mora Joase, o kgutla ntweng ka moepa wa Herese.
14. A tshwara mohlankana e mong wa Sukkothe, a mmotsa; eo a moo nea lengolo la mabitso a dikgosana le a baholo ba Sukkothe, batho ba mashome a supileng a metso e supileng.
15. A fihla ho batho ba Sukkothe, a re ho bona: Seba le Tsalmunna ke bana, bao le nkomantseng ka baka la bona, la re: Hleka diatla tsa Seba le tsa Tsalmunna di se di le letsohong la hao, ha o re, re nee banna ba hao ba kgathetseng bohobe na?
16. Yaba o nka baholo ba motse, a nka le meutlwa ya nahathothe le bobatshi, mme a shapa ba Sukkothe ka tsona.
17. A heletsa le tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse.
18. A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena.
19. A re: E ne e le banabeso, bana ba mme. Ka Jehova ya utlwang, hojane le ba tlohetse ba phela, nka be ke sa le bolaye le nna.
20. A ba a bolella Jethere, mora hae wa letsibolo a re: Ema, o ba bolaye. Empa mohlankana ha a ka a pshemola sabole ya hae ke ho tshaba, hobane e ne e sa le mohlankanyana.
21. Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.