26. Boima ba mefitshana eo a e kopileng, ya eba dishekele tsa kgauta tse sekete se nang le makgolo a supileng; ho sa balwe maphaketsana, leha e le masale, leha e le diaparo tsa sekarelata tse neng di aperwe ke marena a Midiane, leha e le mapetu a neng a rwesitswe melaleng ya dikamele tsa bona.
27. Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.
28. Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.
29. Jerubbaale, mora Joase, a ya dula tlung ya hae.
30. Gideone a ba le bara ba mashome a supileng ba tswileng thekeng la hae, hobane basadi ba hae ba kile ba eba bangata.
31. Serethe sa hae, se ahileng Sikeme, le sona sa mo tswalla moshanyana, mme a mo rea lebitso la Abimeleke.
32. Gideone, mora Joase, a shwa, a se a tsofetse haholo, mme a patwa lebitleng la Joase ntatae, Ofra wa Baabiesere.
33. Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.
34. Bana ba Iseraele ha ba ka ba hopola Jehova, Modimo wa bona, ya ba namoletseng matsohong a dira tsohle tsa bona tse ba teetseng hare.
35. Hape, ha ba ka ba etsetsa ntlo ya Jerubbaale, e leng Gideone, teboho e lekaneng le ntho tsohle tse molemo tseo a di etseditseng Iseraele.