Baahlodi 8:21-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.

22. Batho ba Iseraele ba re ho Gideone: O re buse, e le wena, le mora hao, le setloholo sa hao, etswe o re namoletse matsohong a Bamidiane.

23. Gideone a re ho bona: Haele nna, nke ke ka le busa, le yena mora ka a ke ke a le busa. Jehova ke yena ya tla le busa.

24. Gideone a boela a re ho bona: Ke kopa ntho e le nngwe ho lona, ke re: Nneeng e mong le e mong mefitshana eo le e hapileng. Hobane Bamidiane ba ne ba na le mefitsana ya kgauta, etswe e ne e le Baishmaele.

25. Ba re: Re tla o nea yona ka bonolo. Yaba ba ala kobo, mme bohle ba akgela teng mefitshana eo ba e hapileng.

26. Boima ba mefitshana eo a e kopileng, ya eba dishekele tsa kgauta tse sekete se nang le makgolo a supileng; ho sa balwe maphaketsana, leha e le masale, leha e le diaparo tsa sekarelata tse neng di aperwe ke marena a Midiane, leha e le mapetu a neng a rwesitswe melaleng ya dikamele tsa bona.

27. Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.

28. Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.

29. Jerubbaale, mora Joase, a ya dula tlung ya hae.

30. Gideone a ba le bara ba mashome a supileng ba tswileng thekeng la hae, hobane basadi ba hae ba kile ba eba bangata.

31. Serethe sa hae, se ahileng Sikeme, le sona sa mo tswalla moshanyana, mme a mo rea lebitso la Abimeleke.

32. Gideone, mora Joase, a shwa, a se a tsofetse haholo, mme a patwa lebitleng la Joase ntatae, Ofra wa Baabiesere.

33. Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.

Baahlodi 8