Baahlodi 8:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile.

12. Seba le Tsalmunna ba baleha, mme Gideone a ba phallela, a tshwara marena ao a mabedi a Midiane, Seba le Tsalmunna, mme a qhalanya makgotla wohle.

13. Yaba Gideone, mora Joase, o kgutla ntweng ka moepa wa Herese.

14. A tshwara mohlankana e mong wa Sukkothe, a mmotsa; eo a moo nea lengolo la mabitso a dikgosana le a baholo ba Sukkothe, batho ba mashome a supileng a metso e supileng.

15. A fihla ho batho ba Sukkothe, a re ho bona: Seba le Tsalmunna ke bana, bao le nkomantseng ka baka la bona, la re: Hleka diatla tsa Seba le tsa Tsalmunna di se di le letsohong la hao, ha o re, re nee banna ba hao ba kgathetseng bohobe na?

16. Yaba o nka baholo ba motse, a nka le meutlwa ya nahathothe le bobatshi, mme a shapa ba Sukkothe ka tsona.

17. A heletsa le tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse.

Baahlodi 8