Baahlodi 8:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba banna ba Efraime ba re ho Gideone: O re etseditseng jwalo, ha o sa ka wa re mema, mohla o futuhelang Bamidiane? Mme ba mo tsekisa haholo.

2. A re ho bona: Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapiswang le wa lona na? Ha ke re, ho kgwahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ya merara ya Abiesere na?

3. Modimo o neetse marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe matsohong a lona; mme nna, ke entse mosebetsi ofe o ka bapiswang le wa lona na? Eitse hobane a ba buise jwalo, bohale ba bona ba kokobela.

4. Gideone ha a fihla Jordane, a e tshela a ena le banna ba makgolo a mararo bao a nang le bona, ba se ba kgathetse, ba mpa ba ntse ba phallela Bamidiane.

5. Ebile o re ho batho ba Sukkothe: Neang banna bao ke nang le bona bohobe, etswe ba kgathetse, ke tle ke phallele Seba le Tsalmunna, marena a Midiane.

6. Baholo ba Sukkothe, ba re: Hleka diatla tsa Seba le Tsalmunna di se di le letsohong la hao, haele moo o re, re nee makgotla a hao bohobe?

7. Gideone a re: Ha ho le jwalo, mohla Jehova a neelang Seba le Tsalmunna matsohong a ka, ke tla pola dinama tsa lona ka meutlwa ya nahathothe le ka bobatshi.

8. Ha a tloha teng, a fihla Penuele, a bua le ba teng ka wona mokgwa oo, mme batho ba Penuele ba mo fetola jwalokaha batho ba Sukkothe ba ne ba mo fetotse.

9. Yaba o bolella batho ba Penuele, a re: Ha ke kgutla ka kgotso, ke tla heletsa tora eo.

10. Haele Seba le Tsalmunna, ba ne ba fihlile Karkore le makgotla a bona, e leng bohle ba setseng ba makgotla wohle a bana ba Botjhabela, e batlile ho ba batho ba dikete tse leshome le metso e mehlano, ho bolailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a ba pshemolang sabole.

11. Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile.

12. Seba le Tsalmunna ba baleha, mme Gideone a ba phallela, a tshwara marena ao a mabedi a Midiane, Seba le Tsalmunna, mme a qhalanya makgotla wohle.

Baahlodi 8