11. O tla utlwa se bolelwang teng, mme matsoho a hao a tla tiiswa, hore o tle o theohele diahelong. Yaba o theohela teng ba ena le Pura, mohlanka wa hae, a ya moo ho feletseng balebedi ba hlometseng ba diahelo.
12. Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.
13. Eitse ha Gideone a fihla teng, bonang, motho o ne a phetela molekane wa hae toro, a re: Bona, ke lorile toro; ke bone ho hlaha ntho e kang senkgwana sa harese se thetehela diahelong tsa Bamidiane; sa fihla tenteng, sa e otla, sa e qethosa fatshe, tente ya ba ya rapalla.
14. Molekane wa hae a araba, a re: Toro eo ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora Joase, monna wa Iseraele. Modimo o neetse Bamidiane le diahelo tsohle matsohong a hae.
15. Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.
16. A arola ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo, a nea e mong le e mong terompeta letsohong la hae, le dinkgo tse feela tse nang le dirumula kahare ho tsona.
17. Yaba o re ho bona: Ntadimeng, le etse jwaloka nna. Bonang, etlere ha ke fihla pheletsong ya diahelo, le tle le etse jwalokaha le nna ke tla etsa.
18. Etlere ha ke letsa terompeta, nna le bohle bao ke nang le bona, le lona le letse diterompeta ka nqa tsohle ho diahelo, le re: Ka Jehova le Gideone.
19. Ha ho le jwalo, Gideone a tsamaya le batho ba lekgolo bao a nang le bona, ba fihla pheletsong ya diahelo, ho sa qalwa tebelo ya bosiu bo boholo, ho sa tswa bewa balebedi. Ba letsa diterompeta, mme ba pshatla dinkgo tse matsohong a bona.
20. Yaba dihlopha tse tharo di letsa diterompeta, tsa pshatla dinkgo, mme ba tshwara e mong le e mong serumula ka letsoho le letshehadi, le terompeta ka letsoho le letona, ba di letsa, ba howa, ba re: Sabole ya Jehova le ya Gideone!
21. Ba ema e mong le e mong bakeng sa hae, ba teetse diahelo hare, mme bohle ba diahelong ba qala ho titimela mane le mane, ba howa, ba baleha.