28. Hosasane, ha batho ba motse ba tsoha ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ashera ya teng e remilwe, poho ya bobedi yona e entswe setjheso aletareng e hahilweng.
29. Ba botsana, ba re: Ke mang ya entseng hoo? Ha ba batla le ho botsisisa, ha thwe: Hoo ho entswe ke Gideone, mora Joase.
30. Batho ba motse ba re ho Joase: Ntsha mora hao, a shwe, hobane o heleditse aletare ya Baale, mme o remile ashera e pela yona.
31. Joase a fetola batho kaofela ba tlileng ho yena, a re: Hleka ke lona le tla tsekela Baale na? Na ke lona le tla mo pholosa na? Ya tla mo tsekela o tla shwa e eso ho be hosasa. Ha Baale e le modimo, a itsekele e le yena, ha aletare ya hae e heleditswe.
32. Tsatsing lona leo, Gideone a rewa lebitso la Jerubbaale (Baale a ke a tseke), ha thwe: Baale a ke a mo tsekise, ha a heleditse aletare ya hae.
33. Yaba Bamidiane kaofela le Baamaleke le bana ba Botjhabela ba phutheha, ba tshela Jordane, mme ba emisa lehwatateng la Jisreele.
34. Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.
35. Hape, a romela manqosa ho Bamanasse bohle, le bona ba phuthehela ho yena ka mokgosi; a romela manqosa le ho Baasere, le ho Basabulone, le ho Banefthali; le bona ba nyoloha ho tla teana le bona.
36. Gideone a re ho Modimo: Ha o fela o rata ho namolela Iseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o boletse,
37. bona, ke tla bea letlalo lena la nku le nang le boya seotlong; ha phoka e lala hodima letlalo feela, ha oma kahohle fatshe, ke tla tseba kahoo hobane o tla namolela Iseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o boletse.
38. Mme ha eba jwalo. Hosasane, ha a tsoha ka meso, a hlotla letlalo, a ntsha phoka letlalong, a tlatsa mohope ka metsi a yona.
39. Yaba Gideone o re ho Modimo: Kgalefo ya hao e se ke ya ntukela; ke sa bua hang feela; nke ke leke hape, hang feela, ka letlalo, ke re: Letlalo le ke le fumanwe le omile le nnotshi, phoka e letse kahohle fatshe.
40. Modimo wa etsa jwalo bosiung boo: letlalo la fumanwa le omile le nnotshi, phoka e letse kahohle fatshe.