Baahlodi 6:26-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.

27. Yaba Gideone o nka batho ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme kahobane a ne a tshaba ba ntlo ya ntatae, le batho ba motse, a etsa bosiu, e seng motshehare.

28. Hosasane, ha batho ba motse ba tsoha ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ashera ya teng e remilwe, poho ya bobedi yona e entswe setjheso aletareng e hahilweng.

29. Ba botsana, ba re: Ke mang ya entseng hoo? Ha ba batla le ho botsisisa, ha thwe: Hoo ho entswe ke Gideone, mora Joase.

30. Batho ba motse ba re ho Joase: Ntsha mora hao, a shwe, hobane o heleditse aletare ya Baale, mme o remile ashera e pela yona.

31. Joase a fetola batho kaofela ba tlileng ho yena, a re: Hleka ke lona le tla tsekela Baale na? Na ke lona le tla mo pholosa na? Ya tla mo tsekela o tla shwa e eso ho be hosasa. Ha Baale e le modimo, a itsekele e le yena, ha aletare ya hae e heleditswe.

32. Tsatsing lona leo, Gideone a rewa lebitso la Jerubbaale (Baale a ke a tseke), ha thwe: Baale a ke a mo tsekise, ha a heleditse aletare ya hae.

33. Yaba Bamidiane kaofela le Baamaleke le bana ba Botjhabela ba phutheha, ba tshela Jordane, mme ba emisa lehwatateng la Jisreele.

34. Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.

35. Hape, a romela manqosa ho Bamanasse bohle, le bona ba phuthehela ho yena ka mokgosi; a romela manqosa le ho Baasere, le ho Basabulone, le ho Banefthali; le bona ba nyoloha ho tla teana le bona.

36. Gideone a re ho Modimo: Ha o fela o rata ho namolela Iseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o boletse,

Baahlodi 6