Baahlodi 6:17-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Gideone a re ho yena: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, ako nnee pontsho ya hobane ke wena ya buang le nna.

18. O se ke wa tloha mona, ke eso ho kgutlele ho wena, ka o tlisetsa nyehelo ya ka, ka e bea pela hao. Eo a re: Ke tla dula, o be o boye.

19. Yaba Gideone o ya, a lokisa potsanyane, a nka le efa ya phofo, a etsa dinkgwana tse se nang ditomoso; a bea nama serotong, a tshela moro pitseng; a mo tlisetsa tsona tlasa sefate sa terebinthe, mme a mmeela tsona.

20. Lengeloi la Jehova la re ho yena: Nka nama le dinkgwana tse se nang ditomoso, o di bee lefikeng leno, mme o tsholle moro hona teng. A etsa jwalo.

21. Lengeloi la Jehova la isa ntlha ya lere le letsohong la lona, la ama nama le dinkgwana tse se nang ditomoso; ha tswa mollo lefikeng, mme wa tjhesa nama le dinkgwana tse se nang ditosomo; lengeloi la Jehova la ntoo tloha ho yena.

22. Kahoo, Gideone a bona hobane ke lengeloi la Jehova. Gideone a re: Ho madimabe nna, Monghadi Jehova, hobane ke bone lengeloi la Jehova, re tadimane difahleho le lona!

23. Jehova a re ho yena: Kgotso e be ho wena! O se ke wa tshaba; ha o ka ke wa shwa.

24. Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.

25. Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Nka pohwana ya ntatao, le poho e nngwe e dilemo tse supileng, mme o heletse aletare ya Baale, e leng ya ntatao, mme o reme ashera e pela yona.

26. O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.

27. Yaba Gideone o nka batho ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme kahobane a ne a tshaba ba ntlo ya ntatae, le batho ba motse, a etsa bosiu, e seng motshehare.

28. Hosasane, ha batho ba motse ba tsoha ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ashera ya teng e remilwe, poho ya bobedi yona e entswe setjheso aletareng e hahilweng.

Baahlodi 6