Baahlodi 6:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.

2. Bamidiane ba tshwenya Baiseraele haholo, bana ba Iseraele ba ba ba tshabela diqhobong tse dithabeng, le mahaheng, le diforong ke ho tshaba Bamidiane.

3. Enere Baiseraele ha ba lemile, Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela ba ne ba nyoloha ba futuhile.

4. Ba fihle, ba emise pela bona, ba senye mabele masimong, ho ya fihla Gasa, ba sa siele Baiseraele dijo, leha e le nku, kapa kgomo, kapa esele.

5. Ba ne ba tla ka mehlape ya bona le ditente tsa bona, ba tle ba le ka ka ditsie, ba se na ho balwa, bona le dikamele tsa bona; mme ba ne ba senya lefatshe.

6. Baiseraele ba fumanehiswa haholo ke Bamidiane, bana ba Iseraele ba ba ba howeletsa ho Jehova.

7. Eitse hobane bana ba Iseraele ba howeletse ho Jehova, ka baka la Bamidiane,

8. Jehova a romela bana ba Iseraele monna wa moporofeta, a tla, a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke le nyolotse Egepeta, ka le ntsha tlung ya bohlanka;

9. ka le namolela matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le tshwenya; ka ba lelekisa pela lona, ka ba ka le nea lefatshe la bona;

10. mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.

11. Yaba lengeloi la Jehova le tla, la dula tlasa sefate sa terebinthe se Ofra, e leng sa Joase, Moabiesere, mme Gideone, mora hae, o ne a pola koro sehatelong, hore a tle a e patele Bamidiane.

12. Lengeloi la Jehova la mo hlahela, la re ho yena: Jehova o na le wena, monna wa senatla!

13. Gideone a re ho lona: Oho, Monghadi, ha ekaba Jehova a ena le rona, tseo tsohle di re hlaheletseng? E kae mehlolo ya hae kaofela eo bontata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na hase Jehova ya re nyolotseng Egepeta? Jwale, Jehova o re furaletse, o bile o re neetse matsohong a Bamidiane!

14. Yaba Jehova o retelehela ho yena, a re: Eya ka matla ana a hao, o namolele Baiseraele matsohong a Bamidiane. Ha ke re, ke o romile na?

Baahlodi 6