Baahlodi 5:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Pela ya ka e rata batsamaisi ba Iseraele, ba setjhaba ba dumetseng ho futuha. Bokang Jehova,

10. lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!

11. Moo metsi a kguwang didibeng, ba fulang ka diqha ba ke ba rorise ditshitso tsa Jehova ka mantswe a bona, ditshitso tsa molaodi wa bona Iseraeleng!

12. Ke ha setjhaba sa Jehova se tla theohela dikgorong! Tsoha, tsoha, Debora! Raoha, raoha, o bolele pina! Ema, Barake; isa kgolehong bao o ba hapileng, wena mora Abinoame!

13. Ke mohlang oo masala e setseng a setjhaba a hlotseng dinatla, mme Jehova yena a ntlholela bahale.

14. Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi.

15. Marenana a Issaskare a tla le Debora; Issaskare le yena Barake ba nehella sekgutlong ka mora hae. Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.

16. Wa na wa dulelang metebong? Ana e ne e le ho utlwa dillo tsa mehlape? Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.

17. Gileade yena a itulela hae mose wane ho Jordane! Dane a nna a dulelang dikepeng? Asere a itulela lebopong la lewatle, a dula a iketlile dikoung tsa hae.

Baahlodi 5