Baahlodi 5:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Molapo wa Kishone, molapo wa kgale, molapo wa Kishone o ba nkile! Oho, moya wa ka, hatakela dinatla ka maoto!

22. Ke mohlang oo ditlhako tsa dipere di kileng tsa batalatsa lefatshe ke ho baleha hampe, ke ho baleha hampe ha dinatla tsa hae.

23. Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.

24. Ho ke ho roriswe hara basadi Jaele, mosadi wa Hebere Mokene! A ke a roriswe hara basadi ba ahileng ditenteng!

25. Sisera o ne a kope metsi, a mo fa lebese; a mo tlisetsa mafi ka mohope wa marena.

26. Ka letsoho la hae a tshwara sethakgisa; ka letsoho la hae le letona a tshwara noto ya lelala; mme ka noto a otla Sisera, a mo hlaba hloohong, a mo pshatla, a mo phunya hlafunelo.

27. A inama maotong a hae, a wa, a rapalla. A inama maotong a hae, a wa. Moo a inamang, a wela teng a shwele.

28. Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle?

29. Basadi ba hae ba bohlale ba mo arabela, le yena a ipolella,

30. a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!

31. Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona.Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.

Baahlodi 5