Baahlodi 5:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Marenana a Issaskare a tla le Debora; Issaskare le yena Barake ba nehella sekgutlong ka mora hae. Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.

16. Wa na wa dulelang metebong? Ana e ne e le ho utlwa dillo tsa mehlape? Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.

17. Gileade yena a itulela hae mose wane ho Jordane! Dane a nna a dulelang dikepeng? Asere a itulela lebopong la lewatle, a dula a iketlile dikoung tsa hae.

18. Sabulone le Nefthali ke tsona ditjhaba tse sa kang tsa re letho ka lefu, mohla ho lwanwang diphahameng tsa naha.

19. Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete.

20. Naledi tse mahodimong tsa lwana, tsa lwantsha Sisera, ha di tsamaya ka ditsela tsa tsona.

21. Molapo wa Kishone, molapo wa kgale, molapo wa Kishone o ba nkile! Oho, moya wa ka, hatakela dinatla ka maoto!

22. Ke mohlang oo ditlhako tsa dipere di kileng tsa batalatsa lefatshe ke ho baleha hampe, ke ho baleha hampe ha dinatla tsa hae.

23. Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.

24. Ho ke ho roriswe hara basadi Jaele, mosadi wa Hebere Mokene! A ke a roriswe hara basadi ba ahileng ditenteng!

Baahlodi 5