1. Tsatsing leo, Debora le Barake, mora Abinoame, ba bina, ba re:
2. Bokang Jehova! hobane banaila ba eteleditse Baiseraele pele ntweng, le sona setjhaba se itlisitse teng ka ho rata.
3. Utlwang, lona marena! le sekehe ditsebe, lona dikgosana! Ke nna, ke nna ke tla binela Jehova; ke tla binela Jehova, Modimo wa Iseraele!
4. Oho, Jehova! e kile yare ha o tloha Seire, ha o tloha naheng ya Edomo, lefatshe le kile la reketla, mahodimo a qhibidiha, le maru a rotha metsi.
5. Dithaba tsa sisinyeha pela Jehova, le yena Sinai pela Jehova, Modimo wa Iseraele!
6. Mehleng ya Shamgare, mora Anathe, le mehleng ya Jaele, ditsela di ne di sa tsamauwe, baeti ba ne ba kgelohela ditseleng tse fapohileng.
7. Balaodi ba ne ba hlokeha, ba ne ba hlokeha Iseraeleng, ho fihlela ho ba ho ema nna, ke le Debora, ke ema eka ke le mma Iseraele.
8. Enere ha Baiseraele ba kgethile medimo e metjha, ke ha ntwa e tla hlaha dikgorong tsa metse. Hleka thebe, kapa lerumo, di ne di ka fumanwa ho Baiseraele ba kete tse mashome a mane na?
9. Pela ya ka e rata batsamaisi ba Iseraele, ba setjhaba ba dumetseng ho futuha. Bokang Jehova,
10. lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!