Baahlodi 4:6-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.

7. Ke tla hulela ho wena, molapong wa Kishone, Sisera, molaodi wa makgotla a Jabine, le makoloi a hae, le setjhaba sa hae, mme ke tla ba neela matsohong a hao.

8. Barake a re ho yena: Ha o ka ya le nna, ke tla ya; ha o sa ye le nna, nke ke ka ba ka ya.

9. Debora a re: Ho ya, ke tla ya le wena, empa o ke ke wa bona thoriso tseleng eo o tsamayang ho yona, hobane Jehova o tla neela Sisera matsohong a mosadi. Yaba Debora o a tloha, a ya Kedeshe ba ena le Barake.

10. Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.

11. Haele Hebere, Mokene, o ne a kgaohane le Bakene ba bang, bana ba Hobabe, mohwehadi wa Moshe, mme o ne a ile, a hlomile tente ya hae pela sefate sa eike se Tsaannaime, haufi le Kedeshe.

12. Sisera a tsebiswa, ha thwe: Barake, mora Abinoame, o hlwele thaba ya Thabore

13. Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.

14. Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.

15. Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.

16. Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.

17. Sisera a balehela ka maoto tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere, Mokene; hobane kgotso e ne e le teng mahareng a Jabine, morena wa Hatsore, le ntlo ya Hebere, Mokene.

18. Jaele a tswela ho kgahlanyetsa Sisera, a re ho yena: Fapoha, monghadi, fapohela ha ka, se tshabe! Kahoo, Sisera a fapohela tenteng ya hae, mme Jaele a mo apesa ka kobo.

19. Sisera a re ho yena: Ako mphe metsinyana, ke nwe, hobane ke nyorilwe. A thibolla lekuka la lebese, a mo nwesa, mme a mo apesa.

20. Hape, Sisera a re ho yena: Ema monyako wa tente; etlere ha motho a etla, a o botsa, a re: Ana motho o teng moo? o ke o re: Ha ho motho.

21. Yaba Jaele, mosadi wa Hebere, o nka sethakgisa sa tente, a tshwara le noto ka letsoho la hae; a atamela Sisera ka ho nanya, a ntse a robetse haholo, a kgathetse, mme a mo hlaba hlafunelong ka sethakgisa, sa ba sa tshwela fatshe. Sisera a shwa jwalo.

22. Ke ha ho fihla Barake, a phalletse Sisera; Jaele a tswela ho mo kgahlanyetsa, a re ho yena: Tloo, ke o bontshe motho eo o mmatlang. Barake a kena ha hae, mme a bona Sisera a rapaletse, a shwele, sethakgisa se le hlafunelong ya hae.

Baahlodi 4