19. Sisera a re ho yena: Ako mphe metsinyana, ke nwe, hobane ke nyorilwe. A thibolla lekuka la lebese, a mo nwesa, mme a mo apesa.
20. Hape, Sisera a re ho yena: Ema monyako wa tente; etlere ha motho a etla, a o botsa, a re: Ana motho o teng moo? o ke o re: Ha ho motho.
21. Yaba Jaele, mosadi wa Hebere, o nka sethakgisa sa tente, a tshwara le noto ka letsoho la hae; a atamela Sisera ka ho nanya, a ntse a robetse haholo, a kgathetse, mme a mo hlaba hlafunelong ka sethakgisa, sa ba sa tshwela fatshe. Sisera a shwa jwalo.
22. Ke ha ho fihla Barake, a phalletse Sisera; Jaele a tswela ho mo kgahlanyetsa, a re ho yena: Tloo, ke o bontshe motho eo o mmatlang. Barake a kena ha hae, mme a bona Sisera a rapaletse, a shwele, sethakgisa se le hlafunelong ya hae.
23. Tsatsing leo, Modimo wa kokobetsa Jabine, morena wa Kanana, pela bana ba Iseraele.