Baahlodi 4:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane Ehude a timele, bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova.

2. Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.

3. Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, hobane Sisera o ne a na le makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong; bana ba Iseraele ba tujwa hampe ke yena ka dilemo tse mashome a mabedi.

4. Mohlang oo, Debora, moporofeta wa mosadi, mohatsa Lappidothe, o ne a ahlola Iseraele.

5. O ne a dula tlasa sefate sa palema sa Debora, mahareng a Rama le Bethele, thabeng ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho yena ho ya ahlolelwa teng.

6. Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.

7. Ke tla hulela ho wena, molapong wa Kishone, Sisera, molaodi wa makgotla a Jabine, le makoloi a hae, le setjhaba sa hae, mme ke tla ba neela matsohong a hao.

8. Barake a re ho yena: Ha o ka ya le nna, ke tla ya; ha o sa ye le nna, nke ke ka ba ka ya.

9. Debora a re: Ho ya, ke tla ya le wena, empa o ke ke wa bona thoriso tseleng eo o tsamayang ho yona, hobane Jehova o tla neela Sisera matsohong a mosadi. Yaba Debora o a tloha, a ya Kedeshe ba ena le Barake.

10. Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.

11. Haele Hebere, Mokene, o ne a kgaohane le Bakene ba bang, bana ba Hobabe, mohwehadi wa Moshe, mme o ne a ile, a hlomile tente ya hae pela sefate sa eike se Tsaannaime, haufi le Kedeshe.

12. Sisera a tsebiswa, ha thwe: Barake, mora Abinoame, o hlwele thaba ya Thabore

13. Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.

Baahlodi 4