Baahlodi 3:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.

9. Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe.

10. Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.

11. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela.

12. Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.

13. Eglone a iphuthela bana ba Ammone le Baamaleke, a ya a hlola Baiseraele, mme ba rua motse wa Dipalema.

14. Bana ba Iseraele ba ruwa ke Eglone, morena wa Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.

15. Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe.

Baahlodi 3