Baahlodi 3:26-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ehude a mpa a baleha, ha ba ntse ba dikadika, a feta merafo, a balehela Seira.

27. Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele.

28. A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela.

29. Mohlang oo, ba bolaya Bamoabe ba batlileng ho ba dikete tse leshome, e bileng bohle bahale le dinatla, ho se ke ha phonyoha le a mong.

30. Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.

31. Kamora Ehude, Shamgare, mora Anathe, a bolaya Bafilesta ba makgolo a tsheletseng ka tsenene ya dipholo, a namolela Iseraele le yena.

Baahlodi 3