19. Haele yena, a kgutla mefarong e pela Gilgale, a re: Ke na le taba ya lekunutu le wena, morena! Eglone a re: Kgutsang! Yaba batho kaofela ba nang le yena ba tloha ho yena.
20. Ehude a mo atamela a dutse tlung ya hae ya lehlabula a le nnotshi, mme Ehude a re ho yena: Ke o tliseditse taba e tswang ho Modimo. Mme Eglone a tloha setulong sa hae.
21. Yaba Ehude o isa letsoho la hae le letshehadi, a tshwara sabole lethekeng le letona la hae, a mo hlaba mpeng.
22. Mme theko ya sabole ya kena kamora tshepe, mme mafura a patisa tshepe, a ba a sitwa ho ntsha tshepe mpeng, ya ya ho tswela ka kwana.
23. Ehude a ntoo tswa ka mathule, a kwalla morena ka mamati a ntlo e kahodimo, mme a a tiisa ka senotlolo.
24. Eitse hobane a tswe, bahlanka ba Eglone ba tla, ba tadima, ba bona mamati a ntlo e kahodimo a kwetswe ka senotlolo; ba re: Ekaba o ikgurumeditse maoto tlung ya hae ya lehlabula.
25. Ba lebella jwalo, ba ba ba belaela, ha ba bona a sa bule menyako ya ntlo e kahodimo; yaba ba nka senotlolo, ba bula, ba bona monga bona a rapaletse fatshe, a shwele.
26. Ehude a mpa a baleha, ha ba ntse ba dikadika, a feta merafo, a balehela Seira.
27. Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele.
28. A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela.
29. Mohlang oo, ba bolaya Bamoabe ba batlileng ho ba dikete tse leshome, e bileng bohle bahale le dinatla, ho se ke ha phonyoha le a mong.