12. Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.
13. Eglone a iphuthela bana ba Ammone le Baamaleke, a ya a hlola Baiseraele, mme ba rua motse wa Dipalema.
14. Bana ba Iseraele ba ruwa ke Eglone, morena wa Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.
15. Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe.
16. Ehude a iketsetsa sabole e mahale a mabedi, bolelele ba yona e le setswe se le seng; mme a e tlama seropeng sa hae se setona katlasa dikobo tsa hae.
17. A beela Eglone, morena wa Moabe, nyehelo. Eglone yena e ne e le motho ya nonneng haholo.
18. Eitse hobane Ehude a qete ho beela Eglone nyehelo, a kgutlisa batho ba neng ba tlisitse nyehelo.
19. Haele yena, a kgutla mefarong e pela Gilgale, a re: Ke na le taba ya lekunutu le wena, morena! Eglone a re: Kgutsang! Yaba batho kaofela ba nang le yena ba tloha ho yena.
20. Ehude a mo atamela a dutse tlung ya hae ya lehlabula a le nnotshi, mme Ehude a re ho yena: Ke o tliseditse taba e tswang ho Modimo. Mme Eglone a tloha setulong sa hae.
21. Yaba Ehude o isa letsoho la hae le letshehadi, a tshwara sabole lethekeng le letona la hae, a mo hlaba mpeng.
22. Mme theko ya sabole ya kena kamora tshepe, mme mafura a patisa tshepe, a ba a sitwa ho ntsha tshepe mpeng, ya ya ho tswela ka kwana.
23. Ehude a ntoo tswa ka mathule, a kwalla morena ka mamati a ntlo e kahodimo, mme a a tiisa ka senotlolo.
24. Eitse hobane a tswe, bahlanka ba Eglone ba tla, ba tadima, ba bona mamati a ntlo e kahodimo a kwetswe ka senotlolo; ba re: Ekaba o ikgurumeditse maoto tlung ya hae ya lehlabula.
25. Ba lebella jwalo, ba ba ba belaela, ha ba bona a sa bule menyako ya ntlo e kahodimo; yaba ba nka senotlolo, ba bula, ba bona monga bona a rapaletse fatshe, a shwele.