1. Ke tsena ditjhaba tseo Jehova a kileng a di siya, ho leka ka tsona Baiseraele, e leng bohle ba sa kang ba bona dintwa tsohle tsa Kanana.
2. Ya eba hore masika a bana ba Iseraele a tsebe, mme a ithute ntwa, e leng ao a sa kang a tseba ntwa tsa pele.
3. Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.
4. Tjhaba tsena tsa eba teng ho leka Baiseraele, hore ho tle ho tsejwe ha ekaba ba tla mamela ditaelo tseo Jehova a neng a di laele bontata bona ka Moshe.
5. Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba nna ba aha hara Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.
6. Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.
7. Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe.
8. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.
9. Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe.