4. Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.
5. Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa.
6. Hape, bana ba Iseraele ba swabela Babenjamine, banababo bona, ka ho re: Kajeno, leloko le leng le kgaotswe Iseraeleng.
7. Re tla ba etsetsa jwang hore re nee ba setseng basadi, haele moo re hlapantse ka Jehova, ra re, re ke ke ra ba neela baradi ba rona e be basadi ba bona?
8. Ke ha ba tla re: Ana ke bafe ba meloko ya Iseraele ba sa kang ba nyolohela ho Jehova, Mitspe, na? Yaba ba fihlela hobane ho se le a mong wa Jabeshe-Gileade ya nyolohetseng diahelong le phuthehong.
9. Hobane setjhaba ha se balwa, ha fihlelwa hobane teng ho ne ho se le a mong wa ba ahileng Jabeshe-Gileade.
10. Ha ho le jwalo, phutheho ya romela teng banna ba bahale ba dikete tse leshome le metso e mmedi, ba ba laela, ba re: Eyang, le bolaye ba ahileng Jabeshe-Gileade ka bohale ba lerumo, hammoho le bona basadi le bana ba banyenyane.
11. Hape, le etse hona: Ba batona bohle le ba batshehadi bohle ba tsebileng malao a monna, le ba bolaye.