Baahlodi 21:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yaba phutheho yohle ya romela ho kopanya puo le bana ba Benjamine ba dutseng lefikeng la Rimmone, ha hoeletswa ho bona hore kgotso e teng.

14. Ka tsatsi leo, Babenjamine ba kgutla, mme ba newa basadi ba pholositsweng ba Jabeshe-Gileade; ba mpa ba sa ka ba ba lekana.

15. Setjhaba sa nna sa swabela Babenjamine, kahobane Jehova a entse sekgeo melokong ya Iseraele.

16. Yaba baholo ba phutheho, ba re: Re tla etsang ka ba setseng hore ba be le basadi, haele moo basadi ba Benjamine ba fedisitswe?

17. Ba re: Babenjamine ba pholohileng e ka kgona ba boele ba rue lefa la bona, hore leloko le leng le se ke la hlakolwa Iseraeleng.

18. Haele rona, re ke ke ra ba neela baradi ba rona nyalong, kahobane bana ba Iseraele ba hlapantse ka ho re: Ho rohakwe ya tla nea Babenjamine mosadi.

19. Ba re: Bonang, mokete wa Jehova o teng Silo ka selemo se seng le se seng, ka nqa leboya ho Bethele, le ka nqa botjhabatsatsi ho tsela e tlohang Bethele ho ya nyolosetsa Sikeme, le ka nqa leboya ho Lebona.

20. Ba laela bana ba Benjamine, ba re: Eyang le lalle masimong a merara.

21. Le tadime, mme ha le bona barwetsana ba Silo ba etswa hae ho etsa mehobelo, le tswe masimong a merara; e mong le e mong a ikgapele mosadi hara barwetsana ba Silo, mme le ye le bona naheng ya Benjamine.

22. Etlare ha bontata bona, kapa kgaitsedi tsa bona, ba tla ho le qosa pela rona, re tla re ho bona: Le ba hauhele bakeng sa rona, hobane ha re a ka ra ba hapela bohle basadi ntweng; haele lona, kamoo le sa kang la ba neela baradi ba lona kateng, ha le na molato.

23. Bana ba Benjamine ba etsa jwalo, ba ikgapela basadi ka bongata ba bona, hara ba hobelang bao ba ba hapileng; ba ntoo tloha, ba kgutlela lefeng la bona, ba tsosa metse, ba aha teng.

24. Le bona bana ba Iseraele ba tloha teng mohlang oo, ba kgutlela e mong le e mong lelokong la hae le tlung ya hae; ba tloha, e mong le e mong a tle a kgutlele lefeng la hae.

25. Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a etsa kamoo a ratang kateng.

Baahlodi 21