11. Hape, le etse hona: Ba batona bohle le ba batshehadi bohle ba tsebileng malao a monna, le ba bolaye.
12. Ba ya, mme hara ba ahileng Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane, ba esong ho tsebe monna ka ho robala le yena, mme ba ba tlisa diahelong, Silo, naheng ya Kanana.
13. Yaba phutheho yohle ya romela ho kopanya puo le bana ba Benjamine ba dutseng lefikeng la Rimmone, ha hoeletswa ho bona hore kgotso e teng.
14. Ka tsatsi leo, Babenjamine ba kgutla, mme ba newa basadi ba pholositsweng ba Jabeshe-Gileade; ba mpa ba sa ka ba ba lekana.
15. Setjhaba sa nna sa swabela Babenjamine, kahobane Jehova a entse sekgeo melokong ya Iseraele.
16. Yaba baholo ba phutheho, ba re: Re tla etsang ka ba setseng hore ba be le basadi, haele moo basadi ba Benjamine ba fedisitswe?
17. Ba re: Babenjamine ba pholohileng e ka kgona ba boele ba rue lefa la bona, hore leloko le leng le se ke la hlakolwa Iseraeleng.
18. Haele rona, re ke ke ra ba neela baradi ba rona nyalong, kahobane bana ba Iseraele ba hlapantse ka ho re: Ho rohakwe ya tla nea Babenjamine mosadi.