33. Yaba banna ba Iseraele bohle ba ema moo ba leng teng, ba hlopholla ntwa Baale-Thamare; le Baiseraele ba laletseng ba phakisa ba tswa moo ba leng teng, thoteng ya Gibea.
34. Ke ha banna ba dikete tse leshome ba kgethilweng hara Baiseraele bohle ba hlaha pela Gibea, mme ntwa ya lwana hathata, Babenjamine ba mpa ba sa tsebe kotsi e ya ba hlahela.
35. Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.
36. Bana ba Benjamine ba ne ba bone eka bana ba Iseraele ba hlotswe; hobane ba ne ba suthile pela Babenjamine, athe ba ne ba tshepile ba laletseng ba beilweng ho patela Gibea.
37. Ba laletseng ba ne ba phakisitse, ba neheletse Gibea. Ba laletseng ba tswela pele, ba bolaya bohle ba motse ka bohale ba lerumo.
38. Pontsho eo Baiseraele ba neng ba dumellane hodima yona le ba laletseng, ho ne ho itswe o tla etswa mosi o moholo, o nyolohe motseng.
39. Banna ba Iseraele ba reteleha ntweng, mme Babenjamine ba qala ho hlaba le ho bolaya banna ba bang ba Iseraele, ya batla e eba banna ba mashome a mararo; ba ba ba re: Efela ba boetse ba qhadilwe pela rona jwaloka mohla ntwa ya pele.
40. Empa mosi ha o qala ho nyoloha motseng ka topallo, Babenjamine ba reteleha, ba bona mosi wa motse kaofela o nyolohela lehodimong.
41. Jwale, banna ba Iseraele ba reteleha, mme banna ba Benjamine ba tsieleha, ha ba bona hobane kotsi e ba hlahetse.
42. Ba baleha pela Iseraele ka tsela e yang feelleng; empa ntwa ya ba pateletsa, mme ba metse ya teng ba bolawa.
43. Ka mokgwa o jwalo, ba teela Babenjamine hare, ba ba phallisa, ba ba hatakela moo ba reng ba phomola teng, ho fihlela ka nqane ho Gibea, nqa botjhabatsatsi.
44. Babenjamine ba bolailweng ya eba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng bahale kaofela ha bona.
45. Ba setseng ba reteleha, mme ba balehela feelleng ho ya fihla lefikeng la Rimmone; ha mpa ha thonakwa ditseleng kete tse hlano tsa bona. Banna ba Iseraele ba ba lelekisa ho ya fihla Gidome, ba boela ba bolaya kete tse pedi tsa bona.
46. Bohle banna ba Benjamine ba bolailweng tsatsing leo ya eba banna ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba pshemolang sabole, banna ba bahale kaofela ha bona.
47. Empa banna ba makgolo a tsheletseng ba kgeloha, ba balehela feelleng, lefikeng la Rimmone, mme ba dula lefikeng la Rimmone kgwedi tse nne.