Baahlodi 20:28-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.

29. Yaba Baiseraele ba bea banna ba laletseng ka nqa tsohle ho Gibea.

30. Bana ba Iseraele ba nyoloha la boraro ho lwantsha bana ba Benjamine, mme ba hlopholla ntwa pela Gibea, jwaloka pele.

31. Bana ba Benjamine ba tswa ho kgahlanyetsa setjhaba, mme ba hulelwa hole le motse; hona teng, ba hla ba bolaya ba bang ba setjhaba, jwaloka pele, tseleng e nyolosetsang Bethele le tsela e yang Gibea, e le hara naha, mme ha eshwa Baiseraele ba batlileng ho etsa mashome a mararo.

32. Yaba bana ba Benjamine ba re: Ba qhalwa pela rona jwaloka pele. Athe bana ba Iseraele, bona, ba ne ba re: A re baleheng, re tle re ba hulele ditseleng hole le motse.

33. Yaba banna ba Iseraele bohle ba ema moo ba leng teng, ba hlopholla ntwa Baale-Thamare; le Baiseraele ba laletseng ba phakisa ba tswa moo ba leng teng, thoteng ya Gibea.

34. Ke ha banna ba dikete tse leshome ba kgethilweng hara Baiseraele bohle ba hlaha pela Gibea, mme ntwa ya lwana hathata, Babenjamine ba mpa ba sa tsebe kotsi e ya ba hlahela.

35. Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.

36. Bana ba Benjamine ba ne ba bone eka bana ba Iseraele ba hlotswe; hobane ba ne ba suthile pela Babenjamine, athe ba ne ba tshepile ba laletseng ba beilweng ho patela Gibea.

37. Ba laletseng ba ne ba phakisitse, ba neheletse Gibea. Ba laletseng ba tswela pele, ba bolaya bohle ba motse ka bohale ba lerumo.

38. Pontsho eo Baiseraele ba neng ba dumellane hodima yona le ba laletseng, ho ne ho itswe o tla etswa mosi o moholo, o nyolohe motseng.

39. Banna ba Iseraele ba reteleha ntweng, mme Babenjamine ba qala ho hlaba le ho bolaya banna ba bang ba Iseraele, ya batla e eba banna ba mashome a mararo; ba ba ba re: Efela ba boetse ba qhadilwe pela rona jwaloka mohla ntwa ya pele.

40. Empa mosi ha o qala ho nyoloha motseng ka topallo, Babenjamine ba reteleha, ba bona mosi wa motse kaofela o nyolohela lehodimong.

41. Jwale, banna ba Iseraele ba reteleha, mme banna ba Benjamine ba tsieleha, ha ba bona hobane kotsi e ba hlahetse.

Baahlodi 20